16. “Ke ile ka ba araba ka ho re hase moetlo wa Baroma ho neelana ka moqosuwa a eso thulanngwe le baqosi ba hae, le ho newa sebaka sa ho ikarabella qosong ya hae.
17. Ka le hlahlamang, ha ba se ba tlile kwano, ke ile ka dula setulong sa boahlodi ntle ho tikatiko, mme ka laela hore monna eo a tliswe.
18. Ha baqosi ba ema ba sitwa ho hlahisa le e nngwe ya diqoso tse mpe, tseo ke neng ke di nahanne.
19. Ba phehisana kgang le yena ka taba tse itseng tsa bodumedi ba bona, le ka e mong eo ho thweng ke Jesu, ya neng a shwe, empa eo Paulosi a tiisang hore o a phela.
20. Ka ho tsietswa ke taba tsena, ka re na a ka rata ho ya Jerusalema, hore taba tsena di yo ahlolelwa teng.
21. Empa Paulosi a ipiletsa hore a bolokwe tjhankaneng, a emele kahlolo ya Motlotlehi. Ke ile ka laela hore a bolokwe ho fihlela nka mo romela ho Sesare.”