13. Ha ho fetile matsatsi a seng makae, kgosi Ageripa le Berenike ba fihla Sesaria, ba ya boka dikgomo ho Fesetose.
14. Ha ba qetile matsatsi a mangata ba le moo, Fesetose a bolella kgosi ditaba tse amanang le Paulosi, a re: “Ho na le monna e mong eo Felekise a mo siileng e le motshwaruwa.
15. Ha ke le Jerusalema, baprista ba baholo le baholo ba Bajuda ba ile ba mo qosa, mme ba kopa hore a ahlolwe.
16. “Ke ile ka ba araba ka ho re hase moetlo wa Baroma ho neelana ka moqosuwa a eso thulanngwe le baqosi ba hae, le ho newa sebaka sa ho ikarabella qosong ya hae.
17. Ka le hlahlamang, ha ba se ba tlile kwano, ke ile ka dula setulong sa boahlodi ntle ho tikatiko, mme ka laela hore monna eo a tliswe.
18. Ha baqosi ba ema ba sitwa ho hlahisa le e nngwe ya diqoso tse mpe, tseo ke neng ke di nahanne.
19. Ba phehisana kgang le yena ka taba tse itseng tsa bodumedi ba bona, le ka e mong eo ho thweng ke Jesu, ya neng a shwe, empa eo Paulosi a tiisang hore o a phela.