Diketso 24:22-27 BIBELE (SSO89SO)

22. Jwale Felekise ka ho tsebisisa tse ngata tsa Tsela ena a thisisa nyewe, a re: “Ke tla etsa qeto tabeng ya lona ha molaodi wa ba sekete, Losiase, a se a fihlile.”

23. A laela molaodi wa ba lekgolo hore a dise Paulosi, feela a be le bolokolohi bo itseng, mme a se thibele motho ofe kapa ofe wa ba habo ho mo thusa.

24. Kamora matsatsi a seng makae, Felekise a tla le mohatsa hae, Derusilla wa Mojuda, mme a bitsa Paulosi, a mo mamela ha a bolela tsa tumelo ho Jesu Kreste.

25. Yare ha a ntse a bua ka ho loka, le boitshwaro, le kahlolo e tlang, Felekise a tshoha, a re: “Hajwale o ka tsamaya; ke tla o bitsa hamorao, ha ke ena le nako.”

26. Ebile o ne a tshepile hore Paulosi o tla mo ntshetsa tjotjo, mme ka baka leo a nna a mmitsa kgafetsa, a buisana le yena.

27. Kamora dilemo tse pedi Felekise a hlahlangwa ke Porokiose Fesetose, mme ka ho rata ho kgahlisa Bajuda, Felekise a siya Paulosi ditlamong.

Diketso 24