Diketso 21:31-40 BIBELE (SSO89SO)

31. Ha ba ntse ba leka ho mmolaya, molaodi wa lebotho la ba sekete a tsebiswa hore Jerusalema yohle e moferefereng.

32. A nka bahlabani le balaodi ba ba lekgolo ka potlako, a phallela ho bona. Yare ha batho ba bona molaodi wa ba sekete le bahlabani, ba kgaotsa ho teteka Paulosi.

33. Yaba molaodi wa ba sekete o a atamela, o tshwara Paulosi, o laela hore a tlangwe ka mahlaahlela a mabedi, a nto botsa hore na ke mang, mme o entseng.

34. Jwale hara letshwele ba bang ba howa ntho ena, ba bang yane. Kaha molaodi a ne a sitwa ho tseba hoo e leng nnete ka baka la lerata, a laela hore Paulosi a iswe qhobosheaneng.

35. Yare ha Paulosi a fihla mehatong e nyolohang, a tshwanela ho jarwa ke bahlabani ka baka la ho halefa ha letshwele,

36. hobane bongata ba setjhaba bo ne bo latela, bo ntse bo howa, bo re: “Mmolaye!”

37. Ha a se a tla kenngwa ka qhobosheaneng, Paulosi a re ho molaodi wa ba sekete: “Na o ka ntumella ho buisana le wena?”Yaba eo o re: “Na o tseba Segerike?

38. Na ha o Moegepeta elwa eo maobanyana moo a neng a tsose moferefere, a isa banna ba kete di nne ba babolai nahathothe?”

39. Paulosi a re: “Nna ke monna wa Mojuda ya tswaletsweng Tarasuse e Silesia; ke moahi wa motseng, e seng wa motsaneng. Jwale ke a o kopa, ako ntumelle ho bua le setjhaba sena.”

40. Ha molaodi a mo dumeletse, Paulosi a ema mehatong e nyolohang ya monyako, a phoka setjhaba ka letsoho. Ha ho se ho kgutsitse tuu! a bua le bona ka Seheberu, a re:

Diketso 21