Diketso 18:5-25 BIBELE (SSO89SO)

5. Yare ha Silase le Timothea ba fihla ba etswa Masedonia, Paulosi a hapeha ke lentswe la Modimo ka ho tlala, a paka ho Bajuda hore Jesu ke Mesia.

6. Empa yare ha ba mo hanyetsa, ba mo nyefola, a hlohlora diaparo tsa hae, a re ho bona: “Madi a lona a be hodima dihlooho tsa lona; nna ha ke na molato. Ho tloha jwale ke tla ya ho baditjhaba.”

7. Yaba o tloha teng, o ya ha motho ya bitswang Tite Jusetose, ya hlomphang Modimo, eo ntlo ya hae e neng e bapile le ntlo ya thapelo.

8. Jwale Kerisepose, mookamedi wa ntlo ya thapelo, a dumela ho Morena, yena le lelapa la hae lohle. Le ba bangata ba Bakorinthe ha ba utlwa, ba dumela, mme ba kolobetswa.

9. Jwale Morena a bua le Paulosi ka pono, bosiu, a re: “O se ke wa tshaba, empa o nne o bue, o se ke wa kgutsa.

10. Ke na le wena, mme ha ho ya tla o lwantsha, le ho o etsa hampe, hobane ke na le batho ba bangata motseng ona.”

11. A dula moo selemo le kgwedi tse tsheletseng a ntsa ruta lentswe la Modimo hara bona.

12. Ha Galeo e le mmusisi wa Akaya, Bajuda ba tsohela Paulosi matla ka maikutlo a le mang, mme ba mo isa kgotla,

13. ba re: “Monna enwa o kgothaletsa batho hore ba hlomphe Modimo ka mokgwa o hananang le Molao.”

14. Yare ha Paulosi a re o tla bua, Galeo a re ho Bajuda: “Bajuda ting, haeba ho ne ho hlile ho ena le molato o itseng kapa bolotsana bo bobe, ho ka be ho lokela hore ke le mamelle,

15. empa haeba ke kgang ya mantswe, ya mabitso le ya Molao wa lona, le ka bona e le lona; ha nka ke ka ba moahlodi wa tsena.”

16. Yaba o ba leleka kgotla.

17. Jwale bohle ba tshwara Sosethenese, mookamedi wa ntlo ya thapelo, ba mo teteka kapela lekgotla, empa Galeo a se ke a tsotella letho la ditaba tsena.

18. Paulosi ha a se a hlotse Korinthe matsatsi a mangata, a dumedisa badumedi, a kena ka sekepeng ho tshelela Siria, a ena le Prisilla le Akulase. Ha a le Kenkeria a ikuta lekorana, hobane o ne a entse kano.

19. Jwale ba theohela Efese, moo a ileng a ba siya teng. Empa yena a kena ka tlung ya thapelo, mme a buisana le Bajuda.

20. Bona ba mo kopa hore a hlole nako e teletsana, empa a se ke a dumela,

21. a mpa a ba dumedisa, a re: “Ke tla boela ho lona ha Modimo a rata.” A tloha Efese ka sekepe.

22. Ha a fihla Sesaria, a nyolohela Jerusalema ho ya dumedisa kereke, a nto theohela Antiokia.

23. Hoba a hlole teng nako e itseng a tloha, a tsamaya hohle naheng ya Galatia le Firigia ka ho latelana, a ntse a matlafatsa barutuwa bohle.

24. Moo Efese ha fihla Mojuda e mong ya bitswang Apolosi, ya tswaletsweng Alekesanderia, e le monna wa kgeleke, ya neng a hlalefetse Mangolo ka ho tlala.

25. O ne a rutilwe Tsela ya Morena. A bua ka ho tjheseha moyeng, a ruta ditaba tse amanang le Jesu ka hloko, le hoja a ne a tseba kolobetso ya Johanne feela.

Diketso 18