Diketso 17:26-32 BIBELE (SSO89SO)

26. O entse ditjhaba tsohle ka madi a motho a le mong, hore di ahe lefatsheng lohle; a di beela dinako e sa le pele, le meedi ya boaho ba tsona,

27. e le hore di batle Modimo, haeba di ka mo phopholetsa, tsa mo fumana, le hoja ruri a se hole le e mong le e mong wa rona.

28. “Re phela ka yena, re tsamaya ka yena, re teng ka yena, jwalokaha le baroki ba bang ba lona ba itse:“ <Hobane re bile re bana ba hae.>

29. “Kaha re le bana ba Modimo, ha re a tshwanela ho hopola hore bomodimo bo tshwana le kgauta, silefera kapa lejwe le betlilweng ka tsebo le ka bohlale ba motho.

30. Modimo o itebaditse dinako tsa ho se tsebe ha batho, empa jwale o laela hore kahohle batho bohle ba bake,

31. hobane o beile letsatsi leo ka lona a tla ahlola lefatshe ka toka, ka monna eo a mo kgethileng, mme o neetse bohle bopaki ka ho mo tsosa bafung.”

32. Yare ha ba utlwa tsa tsoho ya bafu, ba bang ba soma, ba bang ba re: “Re sa tla o utlwa hape ka taba ena.”

Diketso 17