24. Yena ha a fumane taelo e jwalo, a ba hlahlela kaharehare ho tjhankana, a tlamella maoto a bona pakeng tsa dikoqo.
25. Ka seroko, Paulosi le Silase ba rapela, ba tlotlisa Modimo ka difela, mme batshwaruwa ba ba mamela.
26. Hanghang ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe, hoo metheo ya tjhankana e bileng ya reketla, mme ka ho panya ha ntshi menyako yohle ya buleha, mahlaahlela a bohle a lokoloha.
27. Yare ha molebedi wa tjhankana a phaphama, mme a bona menyako ya tjhankana e butswe, a tsomula sabole ya hae, a re o a ipolaya, ka ho lekanya hore batshwaruwa ba phonyohile.
28. Empa Paulosi a mo howeletsa ka lentswe le phahameng, a re: “Se intshe kotsi, hobane re teng bohle!”
29. Molebedi a re a tlisetswe mabone; a itahlela ka tjhankaneng a ntse a thothomela, a itihela kapele ho Paulosi le Silase.
30. A ba isa kantle, a re: “Benghadi, eka kgona ke etse eng hore ke tle ke pholoswe?”
31. Ba re: “Dumela ho Morena Jesu, mme wena le ba lelapa la hao le tla pholoswa.”
32. Ba mmolella lentswe la Morena le bohle ba lelapa la hae.
33. A ba nka ka yona nako eo ya bosiu, a thoba metopa ya bona, a ba a kolobetswa kapelepele le bohle ba lelapa la hae.
34. A ba isa tlung ha hae, a ba fepa, a nyakalla le ba lelapa la hae bohle, kahobane ba dumetse ho Modimo.
35. Ha bo esa, baahlodi ba roma mapolesa, ba re: “Lokollang batho bano.”
36. Jwale molebedi wa tjhankana a tsebisa Paulosi taba ena, a re: “Baahlodi ba laetse hore le lokollwe; ka baka leo tswang, le ye ka kgotso.”
37. Empa Paulosi a arabela ka ho re: “Re Baroma, empa re shapilwe pontsheng re sa ka ra ahlolwa, ra hlahlelwa tjhankaneng; jwale ba se ba re lokolla ka lekunutu? Tjhe, le ho ka! A ho tle bona, ba re ntshe!”
38. Mapolesa a tsebisa baahlodi mantswe ana. Ba tshoha ha ba utlwa hore ke Baroma.
39. Ba tla, ba inyatsa, ba ba ntsha tjhankaneng, ba nto ba kopa hore ba tlohe motseng.
40. Ha ba etswa tjhankaneng ba kena ha Lidia, ba bona badumedi, ba ba kgothatsa, ba nto tsamaya.