Diketso 15:3-22 BIBELE (SSO89SO)

3. Ba neng ba romilwe ke kereke ba feta Fenisia le Samaria, ba ntse ba bolela tsa tshokoloho ya baditjhaba, mme ba thabisa badumedi bohle haholo.

4. Ha ba fihlile Jerusalema, ba amohelwa ke kereke le baapostola le baholo, mme ba beha tsohle tseo Modimo a ileng a di etsa ka bona.

5. Empa ba bang ba mokga wa Bafarisi, ba dumetseng, ba ema, ba re: “Eka kgona ba bolotswe, mme ba laelwe ho boloka Molao wa Moshe.”

6. Jwale baapostola le baholo ba kopana ho hlahlobisana taba ena.

7. Kamora kgang e kgolo, Petrose a ema, a re ho bona: “Bana beso, le a tseba hore e se e le nako Modimo a nkgethile hara lona hore ka molomo wa ka baditjhaba ba utlwe lentswe la molaetsa o molemo, mme ba dumele.

8. Modimo ya tsebang dipelo tsa batho o ile a ba ananela ka ho ba nea Moya o Halalelang jwaloka rona.

9. Ha a a ka a kgetholla pakeng tsa rona le bona, o hlwekisitse dipelo tsa bona hobane ba ile ba dumela.

10. Jwale ekaba le lekelang Modimo ka ho jarisa barutuwa joko eo rona le bo-ntata rona re sitilweng ho e jara?

11. Empa re dumela hore ke ka mohau wa Morena Jesu re pholoswang jwaloka bona.”

12. Jwale phutheho yohle ya kgutsa, mme ya mamela Baranabase le Paulosi ha ba bolela mehlolo le dimakatso tsohle tseo Modimo a ileng a di etsa ka bona hara baditjhaba.

13. Yare hoba ba kgutse, Jakobo a bua, a re: “Bana beso, mmameleng!

14. Simone o boletse kamoo Modimo a qadileng kateng ho bontsha paballo ya hae ho baditjhaba ka ho ikgethela setjhaba hara bona.

15. Mantswe a baporofeta a bile a dumellana le taba ena, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe:

16. “ <Kamora tsena ke tla kgutla,mme ke tla tsosantlo ya Davida e weleng;dithako tsa yona ke tla di tsosa,ke boele ke di emise hape,

17. hore batho bohleba tle ba batle Morena,esita le baditjhaba bohleba reng ka nna,>“ho rialo Morena ya etsang tsena,

18. tse tsebilweng ho tloha mehlengya boholoholo.

19. “Ka baka leo, nna ke hopola hore eka kgona ho se ke ha kgathatswa ba sokolohelang ho Modimo ba etswa ho baditjhaba.

20. Ba mpe ba ngollwe hore ba ile tse silafaditsweng ke medimo ya bohata, le bohlola, le dintho tse fenethilweng, le madi,

21. hobane ho tloha melokong ya kgalekgale, ho bile le ba rutang tsa Moshe motseng o mong le o mong, di balwa matlung a thapelo ka Sabatha se seng le se seng.”

22. Yaba baapostola le baholo le kereke yohle ba rera ho roma banna ba kgethilweng hara bona ho ya Antiokia le Paulosi le Baranabase: e leng Juda ya bitswang Baranabase le Silase, banna ba baetapele hara badumedi.

Diketso 15