1. Ka nako eo, kgosi Heroda a tshwara batho ba bang ba kereke, ho ba hlokofatsa.
2. A bolaya Jakobo ngwanabo Johanne ka sabole.
3. Yare ha a bona hore taba eo e kgahlile Bajuda, a eketsa ka ho tshwara Petrose. E ne e le matsatsi a mokete wa bohobe bo sa lomoswang.
4. Hoba a mo tshware, a mo kenya tjhankaneng, a mo neela dihlopha tse nne tsa bahlabani ba bane sehlopheng ka seng, hore ba mo lebele, a hopotse ho mo hlahisa kapele ho setjhaba kamora Paseka.
5. Ka baka leo, Petrose a bolokwa tjhakaneng, empa kereke e ne e mo rapella ho Modimo e tiile.
6. Bosiung boo Heroda a neng a tla tsoha a mo hlahisa ho setjhaba ka bona, Petrose o ne a robetse pakeng tsa bahlabani ba babedi, a tlamilwe ka mahlaahlela a mabedi, mme balebedi ba lebetse monyako wa tjhankana.
7. Hanghang lengeloi la Morena la ema moo, mme lesedi la kganya ka tjhankaneng. Lengeloi la sisinya Petrose lehlakoreng, la mo tsosa, la re: “Tsoha kapele!” Mahlaahlela a matsohong a hae a wa.
8. Lengeloi la re ho yena: “Tena, o rwale meqathatso ya hao.” A etsa jwalo. La re ho yena hape: “Apara seaparo sa hao, o ntatele.”