1. Baapostola le badumedi ba neng ba le Judea ba utlwa hore le baditjhaba ba amohetse lentswe la Modimo.
2. Yare ha Petrose a nyolohetse Jerusalema, ba bolotseng, e leng Bajuda, ba mo tsekisa,
3. ba re: “O kene ha banna ba maqai, wa ja le bona!”
4. Petrose a qala ho ba qaqisetsa tsohle ka ho hlahlamana, a re:
5. “Ke ne ke rapela ke le motseng wa Jopo, mme ka bona pono. Ha theoha ntho e nngwe e kang lesela le leholo le tswang lehodimong, le lepeletswang, le tshwerwe ka diqola tse nne, mme ya tla ho nna.