7. Yare hoba lengeloi le buang le yena le tlohe, a bitsa bahlanka ba hae ba babedi le mohlabani e mong wa ba mo lebelang, ya hlomphang Modimo,
8. a ba hlalosetsa tsohle tse etsahetseng, a nto ba roma Jopo.
9. Ka la hosasane, ha bao ba ntse ba le tseleng, mme ba se ba atametse motse, Petrose a hlwella kahodima ntlo ho ya rapela; e ne e ka ba hara mpa ya motsheare.
10. A lapa, a lakatsa ho ja. Yare ha ho ntse ho lokiswa dijo, a ba le pono.
11. A bona lehodimo le bulehile, mme ho theoha ntho e nngwe e kang lesela le leholo, le lepelletswang fatshe le tshwerwe ka diqola tse nne.
12. Ka ho lona ho ne ho ena le diphoofolo tsohle tse maotomane, dihahabi tsa lefatshe le dinonyana tse fofang.
13. Lentswe la re ho yena: “Petrose, ema, o hlabe, o je!”
14. Empa Petrose a re: “Tjhe, le kgale, Morena! Ha ke eso ka ke eja letho le ilehang, le sa hlwekang.”
15. Lentswe la bua le yena kgetlo la bobedi, la re: “Tseo Modimo a di hlwekisitseng, wena o se ke wa re di a ileha.”
16. Hona ha etsahala ka makgetlo a mararo, mme hanghang ntho eo ya nkelwa hape lehodimong.
17. Yare ha Petrose a ntse a ipotsa hore na pono eo a e boneng e bolelang, banna ba romilweng ke Kornele, hoba ba batle, ba botse hore na ha Simone ke kae, ba fihla monyako.