Daniele 7:16-23 BIBELE (SSO89SO)

16. Yaba ke atamela ho e mong wa ba neng ba eme moo, ka mmotsa hore na tseo di bolelang.“Yena a mpolella, a ntlhalosetsa se bolelwang ke dintho tsena, a re:

17. <Dibatana tsena tse kgolo, tse nne, ke dikgosi tse nne tse tla ba teng lefatsheng.

18. Empa bahalaledi ba Ya Hodimodimo ba tla nka mmuso e be wa bona kamehla; e, kamehla le mehla.>

19. “Jwale ka batla ho tseba ditaba tsa sebatana sa bone, se sa tshwaneng le tsohle tse ding, se tshabehang ka ho fetisisa, se meno a tshepe le dinala tsa lethose, se harolong, se tsekolle, mme se hatakele ka maoto a sona hoo se ho siileng.

20. Ka batla ho tseba le tsa manaka a leshome a hloohong ya sona, le tsa lenakana le ileng la runyola a mang a mararo, le nang le mahlo le molomo o buang ka boikakaso, le neng le feta manaka a mang a habo lona.

21. Ka bona lona lenaka leo le lwantsha bahalaledi, le ba hlola.

22. Yaba ho fihla Moholo wa Matsatsi, a ahlolela bahalaledi ba Ya Hodimodimo. Jwale nako ya fihla ya hore mmuso o newe bahalaledi.

23. “Monna eo a re: <Sebatana sa bone e tla ba mmuso wa bona lefatsheng, o sa tlo tshwana le mebuso e meng yohle. O tla timetsa lefatshe lohle, o le hatakele, o le robokele.

Daniele 7