Daniele 7:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka selemo sa pele sa puso ya Beleshasare, kgosi ya Babilona, Daniele o ile a lora toro, mme a bona dipono ka kelellong ya hae, ha a ntse a robetse diphateng tsa hae. Yaba o ngola toro ena, o pheta ditaba tsa yona.

2. Daniele a bua, a re: “Bosiu, ponong ya ka, ke ile ka bona sefefo se matla, se tswang diqoleng tse nne tsa lefatshe, se tuduanya lewatle le leholo.

3. Yaba dibatana tse nne, tse kgolo, tse sa tshwaneng, di bitoha hara lewatle.

4. “Sebatana sa pele se ne se tshwana le tau, empa se ena le mapheo a kang a ntsu. Ka se tadima ho fihlela ha se kgaolwa mapheo, sa phahamisetswa hodimo, se emiswa ka maoto jwaloka motho, se bile se newa kelello e kang ya motho.

5. “Ka bona sebatana sa bobedi, se tshwanang le bere, se eme ka maoto a morao. Se ne se lomme mahopo a mararo ka meno a sona. Yaba ho thwe ho sona: <Ema, o harele nama e ngata!>

6. “Ha ke ntse ke tadimile ka bona sebatana se seng, se tshwanang le lengau, se neng se ena le mapheo a mane, a kang a nonyana, mokokotlong wa sona. Sebatana sena se ne se ena le dihlooho tse nne, mme sona sa newa matla a ho busa.

Daniele 7