9. Yaba kgosi Dariuse o re taelo eo e ngolwe.
10. Hoba Daniele a utlwe hore taelo e jwalo e entswe, a ya lapeng ha hae. Difesetere tsa kamore ya hae e kahodimo di ne di bulehile, di shebile nqa Jerusalema. A kgumama fatshe hararo ka letsatsi, a rapela, a leboha Modimo wa hae, jwalokaha a ne a nnile a etsa pele ho moo.
11. Banna bao ba phutheha, mme ba fumana Daniele a ntse a rapela, a etsa thapedi ho Modimo wa hae.
12. Ba ya ho kgosi, ba bua le yona ka taelo eo e entseng, ba re: “Na ha o a ka wa etsa taelo e reng ka matsatsi a mashome a mararo a tlang, mang kapa mang ya rapelang modimo osele kapa motho e mong, haese wena feela, kgosi, motho eo o tla akgelwa ka mokoting o moholo wa ditau?”Kgosi ya ba araba, ya re: “Ke nnete, ho jwalo, ho ya ka molao wa Bamede le Maperesiya o ke keng wa fetolwa.”
13. Yaba ba re ho kgosi: “Daniele, e mong wa bathopuwa ba tswang naheng ya Juda, ha a re letho ka wena, kgosi, leha e le ho natsa taelo eo o e entseng; o ntse a rapela Modimo wa hae hararo ka letsatsi.”
14. Ha kgosi e utlwa taba ena ya hlabeha haholo, mme ya nahana kamoo e ka pholosang Daniele kateng; letsatsi la ba la dikela e ntse e nahana kamoo e ka mo pholosang kateng.
15. Jwale banna bao ba phuthehela ho kgosi, ba fihla ba re ho yona: “O a tseba, wena kgosi, hore molao wa Bamede le Maperesiya o re ha ho taelo kapa molao o entsweng ke kgosi o ka fetolwang.”
16. Yaba kgosi e laela hore ba tlise Daniele, mme ba mo akgela ka mokoting o moholo wa ditau. Jwale kgosi ya re ho Daniele: “Modimo wa hao, eo o mo sebeletsang ka botshepehi, o tla o pholosa!”
17. Ba phikolosetsa lejwe monyako wa mokoti o moholo, ba o kwala, mme kgosi ya tiisa lejwe ka lesale la yona la tiiso, le ka masale a tiiso a mahosana a yona, e le hore morero o entsweng ka Daniele o tle o se ke wa fetolwa.
18. Kgosi ya ikgutlella tlung ya yona ya bokgosi, ya qeta bosiu e sa je letho, ho se le diletsa tseo e di letsetswang, mme ya hlobaela.
19. Kgosi ya tsoha ka madungwadungwana, ya potlakela mokoting o moholo wa ditau.
20. Ha e fihla mokoting o moholo wa ditau ya howeletsa Daniele e tshwenyehile, ya re: “Daniele wee! mohlanka wa Modimo ya phelang, na Modimo wa hao eo o mo sebeletsang ka botshepehi o o pholositse ditaung?”
21. Yaba Daniele o re ho kgosi: “Wena kgosi, ako re phelele!
22. Modimo wa ka o ile a romela lengeloi la hae hore le thibe melomo ya ditau, di se ke tsa nketsa letho, hobane o fumane ke se na molato, mme le wena kgosi, ha ke eso o etsetse bobe ba letho.”
23. Kgosi ya thaba haholo, mme ya laela hore Daniele a ntshwe ka mokoting o moholo wa ditau. Yaba Daniele wa ntshwa, mme a fumanwa a se na le mongwaponyana feela, hobane o ne a tshepa Modimo wa hae.