Daniele 4:19-22 BIBELE (SSO89SO)

19. Daniele, ya neng a bitswa Beleteshasare, a qeta nakwana a tsielehile haholo, a tshwenyehile. Kgosi ya re ho yena: “Beleteshasare, o se ke wa tshwenngwa ke toro ena, kapa ke tlhaloso ya yona.”Beleteshasare a araba, a re: “Morena ka, eka toro ena e ka be e tobile ba o hloileng, le tlhaloso ya yona e tobile dira tsa hao!

20. O bone sefate se ntse se hola, se matlafala, se bile se fihla marung, se bonahala lefatsheng lohle.

21. Mahlaku a sona a ne a kgahleha, se behile haholo, mme ditholwana tsa sona di lekane ho jewa ke bohle; dibatana tsa naha di ema moriting wa sona, le dinonyana tse fofang di hahetse makaleng a sona.

22. “Oho, kgosi, sefate seo ke wena! O ile wa hola, wa matlafala. Boholo ba hao bo hodile hoo bo fihlang marung, le puso ya hao e fihla dipheletsong tsa lefatshe.

Daniele 4