Daniele 2:6-12 BIBELE (SSO89SO)

6. Empa ha le ka mpolella toro ena, la ba la ntlhalosetsa yona, teng ke tla le nea dimpho le meputso le tlotla e kgolo. Ka baka leo, mpolelleng toro ena, le be le ntlhalosetse yona.”

7. Bakalatiya ba araba hape, ba re: “Kgosi a e ke e bolelle bahlanka ba yona toro ena, mme re tla e hlalosa.”

8. Kgosi ya araba, ya re: “Ho pepenene ho nna hore le rata ho ipha nako, hobane le tseba morero wa ka o tiileng.

9. Haeba le sa mpolelle toro ena, ke tla le ahlola ka kahlolo e tshwanang. Le rerile ho nthetsa ka leshano le ka bolotsana, le tshepile hore ha nako e ntse e feta boemo ba ditaba bo tla fetoha. Ka baka lena, mpolelleng toro ena, ke tle ke tsebe hore le ka ntlhalosetsa yona.”

10. Bakalatiya ba araba kgosi, ba re: “Ha ho motho le ya mong mona lefatsheng ya ka bolellang kgosi seo e ratang ho se tseba! Ka baka leo, ha ho kgosi, leha e ka ba e kgolo kapa e matla, e kileng ya botsa senohe, kapa molepi wa dinaledi, kapa Mokalatiya ofe le ofe dintho tse tjena.

11. Seo kgosi e se batlang se thata haholo, mme ha ho motho ya ka se bolellang kgosi, haese medimo feela, e sa pheleng le batho.”

12. Ka baka leo, kgalefo ya kgosi ya tlokoma, mme kgosi ya laela hore bahlalefi bohle ba Babilona ba bolawe.

Daniele 2