Daniele 12:5-9 BIBELE (SSO89SO)

5. Yaba nna Daniele, ke a tadima, mme ka bona banna ba bang ba babedi ba eme, e mong a le lebopong le ka mose wane ho noka, e mong a le lebopong le ka kwano ho noka.

6. E mong wa bona a botsa monna ya apereng seaparo se entsweng ka lene, ya neng a emeletse hodingwana ho noka, a re: “Dintho tsee tse makatsang di tla etsahala neng?”

7. Monna ya apereng seaparo se entsweng ka lene, ya emeletseng hodingwana ho noka, a phahamisetsa matsoho a hae a mabedi lehodimong, a hlapanya ka Modimo ya phelang kamehla le mehla, mme ka utlwa a re: “E tla ba ka dilemo tse tharo le halofo. Ha matla a setjhaba se halalelang a se a fedisitswe, dintho tsena tsohle di tla etsahala.”

8. Ka utlwa, empa ka se ke ka utlwisisa. Kahoo ka botsa, ka re: “Jwale, morena ka, dintho tsee di tla fella jwang?”

9. Yena a nkaraba, a re: “Ikele, Daniele, hobane mantswe ana ke pinyane, a bitietswe ho fihlela mehla ya bofelo e fihla.

Daniele 12