Daniele 11:29-35 BIBELE (SSO89SO)

29. “Ha nako e badilweng e fihla, kgosi ena ya Siria e tla futuhela Egepeta hape, empa lekgetlong lena la bobedi ho ke ke ha tshwana le lekgetlong la pele.

30. Ba Kitime ba tla e futuhela ka dikepe, mme e tla kgathala matla. E tla kgutla e halefile, a fihle e hlatsetse kgalefo ya yona hodima selekane se halalelang, ebe e hauhela ba kwenehetseng selekane seo.

31. “Bahlabani ba kgosi ya Siria ba tla silafatsa Tempele, ba fedise sehlabelo sa letsatsi le letsatsi, mme kahara Tempele eo ba bee Manyala a Tshenyeho.

32. Ba kwenehetseng selekane e tla ba hapa ka leleme le monate, empa setjhaba se tsebang Modimo wa sona se tla e hanyetsa se tiile.

33. “Bahlalefi ba tla ruta batho ba bangata, le hoja ka nakwana ba tla bolawa ka sabole, ba tjheswe ka mollo, ba thopuwe, ba jewe le maruo a bona.

34. Ha setjhaba sena se ntse se bolawa jwalo, se tla fumana thuso e seng kae, empa ba bangata ba tla se kgomarela ka bolotsana.

35. Ba bang ba ba bohlale ba tla kgoptjwa, e le hore ba tle ba lekwe, ba hlwekiswe, ba ntlafatswe, ho fihlela nako ya bofelo e beilweng e fihla.

Daniele 11