18. Ka baka leo, Modimo o a hauhela, ha a rata; le teng ha a rata, o a thatafatsa.
19. Jwale o tla re ho nna: “Ke ka baka lang Modimo a sa ntseng a bona phoso ho motho? Ke mang ya ka hanyetsang thato ya hae?”
20. Motho towe, o mang wena o ka arabisanang le Modimo? Na ntho e bopilweng e ka re ho ya e bopileng: “Keng ha o mpopile tjee?”
21. Na sebopi sa dipitsa ha se na matla hodima letsopa, a ho etsa ka kgwabi e le nngwe pitsa tse pedi, e nngwe e le ya mesebetsi e kgethehileng, e nngwe e le ya mesebetsi ya kamehla?
22. Re ka reng, haeba Modimo a ne a rata ho bontsha kgalefo ya hae, le ho tsebahatsa matla a hae, mme a mameletse ka boiphapanyo bo boholo dibopuwa tseo a neng a di halefetse, tse loketseng ho timela?
23. Hape o ne a rata ho tsebahatsa boholo ba tlotla ya hae hodima dibopuwa tse hauhetsweng, tseo a di lokiseditseng tlotla e sa le pele;
24. e leng rona bao a ba bitsitseng, e seng hara Bajuda feela, empa le hara baditjhaba.
25. Ho jwalokaha a bolela bukeng ya Hosea, a re:“Setjhaba seo e neng e se sa ka,ke tla se bitsa setjhaba sa ka;le mosadi ya neng a sa ratwe,ke tla mmitsa moratuwa,
26. mme ho tla etsahala horemoo ho neng ho itswe ho bona:<Ha le setjhaba sa ka,>hona teng ba tla bitswa bana,bana ba Modimo ya phelang.”