1. Ka Kreste, ke bua nnete, ha ke bue leshano; le letswalo la ka le buswang ke Moya o Halalelang, le a mpakela
2. hore ka pelong ya ka ke na le maswabi a maholo le bohloko bo sa kgaotseng.
3. Ke ne nka lakatsa hore ke be ya rohakehileng, ya arohantsweng le Kreste, bakeng sa baheso, bao ke leng seng le bona ka tswalo.
4. Ke Baiseraele, ke ba entsweng bana ba Modimo, ke ba neilweng tlotla, le dilekane, le Molao, le tshebeletso ya nnete ya Modimo, le ditshepiso.
5. Ke ditloholo tsa baholoholo, ke bao Kreste a tswileng ho bona ka tswalo, yena eo e leng Modimo, ya renang hodima tsohle, ya bokwang ka ho sa feleng. A ho be jwalo!