26. Ka mokgwa o jwalo Moya o re thusa bofokoding ba rona, hobane ha re tsebe ho rapela ka mokgwa o tshwanelang, empa Moya ka bowona o re rapella ka mefehelo e ke keng ya bolelwa.
27. Ya bonang se ka dipelong, o tseba sepheo sa Moya, hobane Moya o rapella badumedi ho ya ka thato ya Modimo.
28. Jwale re a tseba hore ba ratang Modimo, ba bitsitsweng ka morero wa hae, tsohle di ba tlisetsa molemo.
29. Bao a ba tsebileng e sa le pele, o ba kgethile e sa le pele hore ba tshwane le Mora wa hae, e le hore Mora e be letsibolo hara bana ba bangata ba Modimo.
30. Bao a ba kgethileng e sa le pele, o bile o ba bitsitse; bao a ba bitsitseng, o bile o ba lokafaditse; bao a ba lokafaditseng, o bile o ba tlotlisitse.
31. Jwale re tla reng ka ditaba tsee? Ha Modimo a eme le rona, ke mang ya ka re lwantshang?