Baroma 4:9-16 BIBELE (SSO89SO)

9. Ebe lehlohonolo lee ke la ba bolotseng feela, kapa le la maqai? Re re: “Aborahama o ile a ballwa tumelo ya hae e le ho loka.”

10. Jwale o ile a e ballwa neng? A se a bolotse kapa e sa le leqai? A eso bolle, e sa le leqai.

11. Hamorao a amohela letshwao la lebollo ho paka ho loka ha hae, hoo a ho fihletseng ka tumelo a eso bolle. Kahoo ya eba ntata bohle ba dumelang leha ba sa bolla, hore ba tle ba ballwe ho loka.

12. Hape ke ntata ba bolotseng, e seng feela hobane ba bolotse, empa e le hobane ba latela mehlala ya tumelo eo ntata rona Aborahama a bileng le yona a eso bolle.

13. Tshepiso ya hore Aborahama e tla ba mojalefa wa lefatshe ha e a ka ya etsetswa yena, kapa ditloholo tsa hae, ka baka la Molao, empa ka baka la ho loka ho tswang tumelong.

14. Ha majalefa e le majalefa ka baka la Molao, tumelo e fetoha lefeela, mme tshepiso ha e sa na thuso,

15. hobane Molao o tlisa kgalefo ya Modimo; athe moo ho se nang molao, tlolo ya molao ha e yo.

16. Ka baka leo, majalefa ke majalefa ka baka la tumelo, e le hore ka mohau wa Modimo tshepiso e tle e akareletse le ditloholo tsohle tsa Aborahama, e seng feela tse tlasa Molao wa Moshe, empa e leng tse nang le tumelo e kang ya Aborahama, ntata rona bohle,

Baroma 4