27. Ha ho le jwalo, ho ka ithorisetswang? Le letho! Ka eng? Na ke ka diketso? Tjhe, ke ka tumelo.
28. Re dumela hore motho o lokafatswa ka tumelo, e seng ka ho phetha Molao.
29. Kapa Modimo ke wa Bajuda feela? Na hase le wa baditjhaba? E, baditjhaba le bona ke wa bona,
30. kaha Modimo o mong feela ya tla lokafatsa Bajuda ka tumelo, le baditjhaba ka tumelo.
31. Ha ho le jwalo, na ka tumelo ee re etsolla Molao? Le kgale, re mpa re tiisa Molao oo.