23. Bohle ke baetsadibe, ba ikamohile tlotla ya Modimo.
24. Empa ba lokafatswa feela ka mohau wa hae, ka ho lopollwa ke Kreste Jesu.
25. Ke yena eo Modimo a mo kgethileng hore ka madi a hae a tsholohileng, dibe tsa batho di lefellwe, ha ba ena le tumelo. Modimo o bontshitse ho loka ha hae ka ho iphapanyetsa dibe tsa mehla e fetileng,
26. nakong ya mamello ya hae. Le nakong ya jwale o sa bontsha ho loka ha hae; o bontsha hore yena o lokile, mme o lokafatsa ya dumelang ho Jesu.
27. Ha ho le jwalo, ho ka ithorisetswang? Le letho! Ka eng? Na ke ka diketso? Tjhe, ke ka tumelo.
28. Re dumela hore motho o lokafatswa ka tumelo, e seng ka ho phetha Molao.
29. Kapa Modimo ke wa Bajuda feela? Na hase le wa baditjhaba? E, baditjhaba le bona ke wa bona,
30. kaha Modimo o mong feela ya tla lokafatsa Bajuda ka tumelo, le baditjhaba ka tumelo.