Baroma 14:4-16 BIBELE (SSO89SO)

4. Wena o mang o ahlolang mohlanka eo e seng wa hao? Ho tiisetsa kapa ho wa ha hae, ke taba ya monga hae. O tla fela a tiisetse, hobane Morena o na le matla a ho mo tiisa.

5. E mong o hopola hore letsatsi le leng ke la bohlokwa ho feta le leng; e mong o hopola hore matsatsi wohle a a tshwana. Tabataba ke hore e mong le e mong a kgodisehe ka ho tlala hore o nepile.

6. Ya hlomphang letsatsi le itseng o le hlomphela Morena; ya jang tsohle o di jela Morena, hobane o leboha Modimo. Ya sa jeng tsohle ha a di jele Morena, mme le yena e leboha Modimo.

7. Ha ho le ya mong wa rona ya iphelelang, mme ha ho ya itjhwellang,

8. hobane ha re phela, re phelela Morena; leha re eshwa, re shwela Morena. Ka baka leo, leha re phela, kapa re eshwa, re ba Morena.

9. Kreste o ile a shwa, a ba a tsoha bafung ka lebaka lona lena: hore e tle e be Morena wa ba shweleng le wa ba phelang.

10. Jwale wena o ahlolelang ngwaneno? Wena o nyedisetsang ngwaneno? Bohle le tla ema kapele ho setulo sa kahlolo sa Modimo,

11. hobane ho ngotswe, ho thwe:“Ke hlapanya ka nna,ho rialo Morena,mangwele wohlea tla nkgumamela,mme maleme wohlea tla tlotlisa Modimo.”

12. Ka baka leo, e mong le e mong wa rona o tla ikarabella ho Modimo.

13. Ha ho le jwalo, re se hlole re ahlolana; le mpe le ikemisetse hore le se ke la kgelosa kapa la dihela ngwanabo lona sebeng.

14. Ke le wa Morena Jesu, ke a tseba, mme ke kgodisehile hore ha ho ntho e ilehang ka boyona, empa ho ya reng ntho e a ileha, ke ho yena feela e ilehang.

15. Ha o swabisa ngwaneno ka dijo tsa hao, ha o sa sebetsa ka lerato. Ka dijo tsa hao, o se ke wa timetsa eo Kreste a mo shwetseng.

16. Ka baka leo, seo le reng se molemo ho lona, le se ke la etsa hore se nyefolwe.

Baroma 14