Baroma 13:3-9 BIBELE (SSO89SO)

3. Babusi ba ke ke ba tshajwa ke ba etsang tse ntle, empa ba tshajwa ke ba etsang tse mpe. Ha u sa rate ho tshaba ya busang, etsa tse ntle, mme o tla o rorisa,

4. hobane ke mohlanka wa Modimo, ya o isang botleng. Empa ha o etsa tse mpe, o tshabe, hobane sabole ha a e tshwarele bosawana. Ke mohlanka wa Modimo, ya bonahatsang kgalefo ya Modimo ka ho otla ba etsang tse mpe.

5. Ka baka leo, ke tshwanelo hore le ikokobetse, e seng feela ka baka la ho tshaba kgalefo, empa le ka baka la letswalo.

6. Ebile ke kahoo le ntshang lekgetho, hobane babusi ke bahlanka ba Modimo ba phethang mosebetsi wona oo ka hloko.

7. Neang bohle tse ba lokelang: molekgetho, lekgetho; mokgafisi, kgafa; ya lokelwang ke tshabo, tshabo; ya lokelwang ke hlompho, hlompho.

8. Le se ke la ba le molato wa letho ho motho, haese wa ho ratana, hobane ya ratang wa habo o phethile Molao ka ho tlala.

9. Efela ditaelo tse reng: “O se ke wa feba, o se ke wa bolaya, o se ke wa utswa, o se ke wa lakatsa,” leha e le taelo e nngwe e ka bang teng, tsohle di akareditswe ka taelo ena e reng: “Rata wa heno jwalokaha o ithata.”

Baroma 13