Baroma 11:1-13 BIBELE (SSO89SO)

1. Jwale ke a botsa: Na Modimo o lahlile setjhaba sa hae na? Le kgale! Le nna ke Moiseraele, ke setloholo sa Aborahama, ke wa leloko la Benjamine.

2. Modimo ha a a lahla setjhaba sa hae seo a se tsebileng e sa le pele. Kapa na ha le tsebe seo Mangolo a se bolelang ka Elia, ha a ne a lla ho Modimo ka Baiseraele, a re:

3. “Morena, ba bolaile baporofeta ba hao, ba dihile dialetare tsa hao; ke setse ke le mong, mme ba batla ho mpolaya.”

4. Empa Modimo o mo arabile jwang? O re: “Ke ipoloketse banna ba kete tse supileng, ba sa kang ba kgumamela Baale.”

5. Le nakong ya jwale ho ntse ho le jwalo: methwaela e setseng e teng e ileng ya kgethwa ka mohau wa Modimo.

6. Empa haeba e le ka mohau, ha e sa le ka baka la diketso; ho seng jwalo, mohau ha e sa le mohau.

7. Jwale? Seo Baiseraele ba neng ba se batla, ha ba a ka ba se fumana, empa bakgethwa ba se fumane. Ha e le ba bang ba thotofaditswe,

8. jwalokaha ho ngotswe, ho thwe:“Modimo o ba neile moyao se nang kutlwisiso,mahlo a sa boneng,le ditsebe tse sa utlweng,ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.”

9. Le Davida o re:“Dijo tsa bonae ke e be leraba le letlowa,di etse hore ba we, mme ba otlwe;

10. mahlo a bona a fifale,ba se ke ba bona;o kotlobanye mekokotloya bona kamehla.”

11. Jwale ke a botsa: Na Baiseraele ba ile ba kgoptjwa hore ba wele ruri? Le kgale! Empa ka baka la tshito ya bona, ho pholoswa baditjhaba, e le hore Baiseraele ba tle ba be lefufa.

12. Ha e le mona tshito ya bona e ruisitse lefatshe, mme bokwenehi ba bona bo ruisitse baditjhaba, tshokoloho ya bona bohle e tla ruisa lefatshe hakaakang!

13. Jwale ke bua le lona, baditjhaba. Kaha ke le moapostola wa baditjhaba, ke motlotlo ka mosebetsi wa ka,

Baroma 11