12. Ka kolobetso le epetswe le yena, la ba la tsoswa le yena bafung, ka ho tshepa matla a Modimo ya mo tsositseng bafung.
13. Le ne le shwele ka baka la dibe tsa lona, le ne le sa bolla moyeng, empa Modimo o ile a le phedisa mmoho le Kreste, a le tshwarela ditshito tsohle tsa lona.
14. O hlakotse lengolo la molato mmoho le ditaelo tsa lona tse neng di re ahlola, a le kgokgothella sefapanong.
15. Ka sona meya e busang le e okamelang, ya amohuwa matla a yona ke Kreste; a e hobosa, a e kenya mokolokong wa hae wa tlholo e le bathopuwa.
16. Jwale ho se be ya ka le ahlolelang tseo le di jang, kapa tseo le di nwang, kapa ho boloka matsatsi a mekete, kapa a ho thwasa ha kgwedi, kapa a Disabatha.
17. Tsena tsohle e ne e le seriti feela sa tse tlang ho tla; hoo e leng ha nnete ke Kreste.
18. Le se ke la hlokiswa moputso wa lona ke ba ikokobetsang ka mokgwa o fosahetseng, mme ba rapelang mangeloi, ba reng ba bona dipono, ba ikgohomosang ka dintho tsa lefeela ka baka la menahano ya bona ya botho.