1. Ha ho le jwalo, bana beso ba halalelang, bao re nang le kabelo mmoho le lona pitsong ya lehodimo, tadimang moromuwa le Moprista e Moholo, Jesu, eo re mmolelang tumelong ya rona.
2. O ile a tshepahala ho ya mmeileng, jwalokaha Moshe a ile a tshepahala tlung yohle ya Modimo.
3. Jesu o bile o lokelwa ke tlotla e fetang ya Moshe, jwalokaha sehahi sa ntlo se hlompheha ho feta ntlo ka boyona.
4. Efela ntlo e nngwe le e nngwe e na le sehahi sa yona, mme sehahi sa tsohle ke Modimo.
5. Moshe o ile a tshepahala tlung yohle ya Modimo e le mosebeletsi ya pakang tse tlang ho bolelwa ke Modimo,
6. empa Kreste, e le Mora, o tsepahala tlung ya hae eo a e okametseng. Ntlo eo ke rona ha re ka ba sebete, mme ra boloka tshepo eo re leng motlotlo ka yona.
7. Ka baka leo, jwalokaha Moya o Halalelang o bolela:“Kajeno ha le utlwa lentswe la hae,
8. se thatafatseng dipelo tsa lonajwaloka mohlaba mo fetohelang,jwaloka mohlaba mo lekang lehwatateng,
9. moo bo-ntata lonaba ileng ba nteka teng,ba nnonya,leha ba ne ba bone diketso tsa ka
10. ka dilemo tse mashome a mane.Ka baka leo,ka halefela moloko oo,ka re: <Kamehla dipelo tsa bonadi kgelohile,ha ba a ka ba tseba ditsela tsa ka.>
11. Yaba ke hlapanya ke halefile,ke re:<Ba ke ke ba ba ba kena,ba kena phomolong ya ka.> ”
12. Bana beso, hlokomelang, esere mohlomong e mong wa lona a ba le pelo e mpe, e hanang ho dumela, e mo arohanyang le Modimo ya phelang.
13. Le mpe le kgothatsane ka matsatsi wohle, ha ho sa ntsane ho thwe: “Kajeno”, e le hore ho se be le ya mong ya ithatafatsang ka ho thetswa ke sebe.