3. Ha motho a ikgopola hore ke letho, empa e se letho, o a ithetsa.
4. Motho ka mong a hlahlobe diketso tsa hae, e be hona a ka ithorisang ka seo a leng sona feela, e seng ka ho ipapisa le ba bang,
5. hobane motho ka mong o tla itjarela mefokolo ya hae.
6. Ya rutwang lentswe la Modimo eka kgona a arolelane maruo a hae wohle le ya mo rutang.
7. Le se ke la ithetsa. Modimo ha a songwe, hobane seo motho a se jalang, ke sona seo a tla se kotula.
8. Ya jalang tshimong ya tsa botho o tla kotula ho bola ho yona, empa ya jalang tshimong ya tsa Moya, o tla kotula bophelo bo sa feleng ho yona.
9. Re se kgathale ho etsa tse molemo, hobane re tla kotula ka nako e lokelang, haeba re sa tepelle.