Bagalata 5:20-23 BIBELE (SSO89SO)

20. tshebeletso ya medimo ya bohata, boloi, bora, diqabang, mohono, kgalefo, dikgang, diphapang, dikgaohano,

21. mona, botahwa, bonyollo, le tse ding tse jwalo. Jwalokaha nkile ka le bolella e sa le pele, ke sa boela ke le bolella hape hore ba etsang tse jwalo e ke ke ya eba majalefa a Mmuso wa Modimo.

22. Empa se bewang ke Moya ke lerato, thabo, kgotso, mamello, mosa, molemo, botshepehi,

23. bonolo le boitshwaro. Tse kang tsena, ha ho molao o ka di thibelang.

Bagalata 5