9. Le lona beng ba makgoba, le a etse jwalo, le sa a sokele. Tsebang hore lona le wona le na le Morena a le mong mahodimong, ya sa yeng ka tshobotsi.
10. Ke qetella ka ho re: Imatlafatseng ka matla a maholo a Morena.
11. Hlomelang ka dihlomo tsohle tsa Modimo, hore le tle le tsebe ho qhela maraba a Diabolosi.
12. Ha re lwane le motho wa nama le madi, empa re lwana le meya e busang, le e laolang, le e renang hodima lefatshe lena la lefifi, e leng meya e kgopo, e sebakeng.
13. Ka baka leo, nkang dihlomo tsohle tsa Modimo, e le hore, mohla ho leng hobe, le tle le tsebe ho ema senna ho isa qetellong.
14. Kahoo ebang malalaalaotswe, nnete e be leqhama la lona, ho loka ho sireletse difuba tsa lona,
15. mafolofolo a ho bolela molaetsa o molemo wa kgotso, e be meqathatso ya lona.
16. Haholoholo tshwarang thebe ya tumelo eo ka yona le ka tsebang ho tima malakabe a metsu yohle e tukang ya E Mobe.
17. Rwalang katiba ya tshepe ya pholoho, le tshware sabole ya Moya, e leng lentswe la Modimo.
18. Dithapelong le dikopong tsohle, le nne le rapele ka Moya ka nako tsohle. Le fadimehele ho rapella badumedi bohle ka tiisetso.
19. Le nna le nthapelle hore ke newe ho bolela molaetsa o molemo, ke phatlalatse sephiri sa wona ka sebete.