15. Hlokomelang metsamao ya lona haholo; le se be dithoto, le mpe le be ba bohlale,
16. le sebedise monyetla oo le o fumanang, hobane mehla ena e mebe.
17. Ka baka leo, se fetoheng mawatla, le mpe le utlwisise seo e leng thato ya Morena.
18. Se tahweng ke jwala bo le isang boitahlong, le mpe le tlale Moya o Halalelang.
19. Kgothatsanang ka dipesalema, difela le dipina tse halalelang; rokang Morena, mme le mminele dipesalema ka dipelong tsa lona.
20. Kamehla lebohang Modimo Ntate ka baka la tsohle, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste.
21. E mong a ikokobeletse e mong ka ho hlompha Kreste.
22. Lona basadi, ikokobeletseng banna ba lona, jwalokaha le ikokobeletsa Morena,
23. hobane monna ke hlooho ya mosadi, jwalokaha le Kreste e le hlooho ya Kereke. Ke yena mopholosi wa mmele, e leng kereke.
24. Jwalokaha kereke e ikokobeletsa Kreste, ka mokgwa o jwalo basadi le bona ba ikokobeletse banna ba bona nthong tsohle.