7. Ha Jotame a bolellwa tsena a nyoloha, a fihla a ema tlhorong ya thaba ya Gerisime. A howeletsa, a re ho banna ba Shekeme: “Mmameleng, lona banna ba Shekeme, e le hore Modimo a tle a le mamele.
8. Ho thwe difate di kile tsa kopana ho ikgethela kgosi. Yaba di re ho sefate sa mohlwaare: <Eba kgosi ya rona.>
9. “Empa sefate sa mohlwaare sa re ho difate tseo: <Le re ke tlohele ho etsa ole ya ka, eo ka baka la ka ho tlotlwang Modimo le batho ka yona, ke nne ke yo fokaela hodima difate?>
10. “Jwale difate tsa re ho sefate sa feiye: <Tloo, o be kgosi ya rona.>
11. “Empa sefate sa feiye sa re ho tsona: <Le re ke tlohele bomonate ba ka, le ditholwana tsa ka tse monate, ke nne ke yo fokaela hodima difate?>
12. “Yaba difate di re ho sefate sa morara: <Tloo, o be kgosi ya rona.>
13. “Sefate sa morara sa re ho tsona: <Le re ke tlohele veine ya ka e thabisang Modimo le batho, ke nne ke yo fokaela hodima difate?>
14. “Jwale difate tsohle tsa re ho leoka: <Tloo, o be kgosi ya rona.>