Baahlodi 9:44-50 BIBELE (SSO89SO)

44. Bo-Abimeleke le sehlopha sa hae ba kgorohela pele, ba fihla ba ema kgorong ya motse. Dihlopha tse pedi tsona tsa kgorohela bohle ba neng ba le naheng, tsa ba bolaya.

45. Abimeleke a qeta letsatsi leo lohle a patetse motse, a ba a o hapa, a bolaya batho ba ka ho wona. A heletsa motse oo, a nyanyatsa lesupi ka letswai.

46. Ha banna bohle ba tora ya Shekeme ba utlwela hona, ba kena ka qhobosheaneng ya tempele ya Ele-Berite.

47. Abimeleke e tsebiswa hore banna bohle ba tora ya Shekeme ba phuthehetse moo,

48. mme a nyolohela thabeng ya Salemone, yena le batho bohle bao a neng a ena le bona. Abimeleke a nka selepe ka letsoho la hae, a rema lekala la sefate, a le nka, a le jara lehetleng, a re ho batho ba neng ba ena le yena: “Nketsiseng, le etse ka potlako seo le bonang ke se etsa.”

49. Batho bohle ba mo etsisa, e mong le e mong a ithemela lekala. Ba latela Abimeleke, ba tshetleha makala qhobosheaneng, ba tjhesa qhobosheane ka makala ao. Batho bohle ba neng ba le ka toreng ya Shekeme, bao e neng e ka ba banna le basadi ba sekete, ba eshwa.

50. Jwale Abimeleke a futuhela Tebese, a e etsetsa thibella, a e hapa.

Baahlodi 9