Baahlodi 8:25-32 BIBELE (SSO89SO)

25. Ba araba, ba re: “Re tla o nea wona re sa kganane.” Ba ala kobo fatshe, monna e mong le e mong a akgela masale ao a a hapileng hodima yona.

26. Boima ba masale ao Gideone a neng a ile a a kopa ya eba dikilo tse ka bang mashome a mabedi, ntle ho dikgaretsana, le mekgabiso, le diaparo tse entsweng ka lesela le perese, tse neng di aparwa ke dikgosi tsa Midiane; le kantle ho diketane tse neng di le melaleng ya dikamele tsa bona.

27. Ka tsena yaba Gideone o etsa setipe seo a ileng a se bea kahara motse wa hae wa Ofera. Baiseraele bohle ba kwenehela Morena ba kgumamela setipe seo, mme sa fetoha leraba ho Gideone le ho ba lelapa la hae.

28. Bamidiane ba kokobetswa jwalo, kapele ho bana ba Iseraele, ba se ke ba hlola ba tsosa mohlahla. Mehleng eo ya Gideone naha ya eba le kgotso ka dilemo tse mashome a mane.

29. Jerubaale, e leng Gideone, mora wa Jowashe, a boela ha hae, a dula teng.

30. Gideone a ba le bara ba mashome a supileng, ba tswetsweng ke yena, hobane o ne a nyetse basadi ba bangata.

31. Mosadi wa hae wa lefielo, ya neng a phela Shekeme, le yena a mo tswalla mora, mme a mo rea lebitso la Abimeleke.

32. Gideone, mora wa Jowashe, a shwa a se a tsofetse haholo, mme a epelwa lebitleng la ntatae Jowashe, sebakeng sa Ofera ya Baabiesere.

Baahlodi 8