14. Debora a re ho Barake: “Tsamaya! Lena ke letsatsi leo ka lona Morena a neelanang ka Sisera matsohong a hao. Ha ke re Morena o se a o eteletse pele?” Barake a theoha thabeng ya Tabore, a ena le banna ba dikete tse leshome.
15. Morena a qhalanya Sisera le dikariki tsa hae tsohle tsa ntwa, le lebotho la hae lohle ka sabole, kapele ho Barake. Sisera a theoha kariking ya hae ya ntwa, a hlanola tlhabela.
16. Barake a phaladisa dikariki le lebotho ho ya fihla Haroshete ya Baditjhaba, moo lebotho lohle la Sisera le ileng la bolaelwa teng ka sabole, ha se ke ha sala le ya mong.
17. Empa Sisera a hlanola tlhabela ho ya fihla tenteng ya Jaele, mosadi wa Hebere wa Mokene, hobane kgotso e ne e le teng pakeng tsa Jabine, kgosi ya Hasore, le lelapa la Hebere wa Mokene.
18. Jaele a ya kgahlanyetsa Sisera, mme a re ho yena: “Fapohela mona, monghadi; kena ka tenteng yaka, o se ke wa tshaba.” Yaba Sisera o kena ka tenteng, Jaele a mo kwahela ka kobo.
19. Sisera a re ho Jaele: “Ako mphe metsinyana ke nwe, hobane ke nyorilwe.” A bula lekuka la lebese, a mo nea, a nwa, yaba o mo kwahela hape.
20. Sisera a re ho Jaele: “Ema monyakong wa tente, mme ere ha motho a ka fihla, a o botsa, a re: <Na ho na le motho moo?> Wena o tle o re: <Tjhe!> ”
21. Jwale Jaele, mosadi wa Hebere, a nka thakgisa ya tente, a nka le noto ka letsohong, a mo nanyetsa, a kgokgothella thakgisa eo tlhafunelong ya hae, ya phunyeletsa ho ya fihla fatshe. Sisera o ne a ile le sephume sa boroko, a kgathetse. Yaba o a shwa.
22. Yare ha Barake a ntse a phaladisa Sisera, Jaele a ya mo kgahlanyetsa, a re ho yena: “Tloo, ke tla o bontsha motho eo o ntseng o mmatla.” Barake a kena ka tenteng ya Jaele, mme a bona Sisera a tjapaletse fatshe, a se a shwele, thakgisa e kene tlhafunelong ya hae.
23. Ka lona letsatsi leo Modimo a kokobetsa Jabine, kgosi ya Kanana, kapele ho bana ba Iseraele.
24. Bana ba Iseraele ba nna ba tswela pele ho imela Jabine, kgosi ya Kanana, ho fihlela ba timetsa kgosi eo ya Kanana.