Baahlodi 20:4-23 BIBELE (SSO89SO)

4. Yaba Molevi eo e leng monna wa mosadi ya ileng a bolawa, o a araba, o re: “Ke ile ka fihla Gibea, naheng ya morabe wa Benjamine, ke ena le mosadi wa ka wa lefielo, hore re robaletse teng.

5. Banna ba Gibea ba ntsohela matla, bosiu ba etsetsa ntlo eo ke robetseng ka ho yona sakanalankope. Ba ne ba rerile ho mpolaya, empa ba beta mosadi wa ka wa lefielo, mme a shwa.

6. Ka nka setopo sa mosadi eo wa ka wa lefielo, ka se kgaola dikotwana, ka di romela naheng yohle eo Baiseraele ba e jeleng lefa, hobane Bagibea bao ba entse bohlola le manyala naheng ya Iseraele.

7. Bonang, lona bana ba Iseraele, le mona bohle; rerisanang, le eletsane hona mona.”

8. Setjhaba sohle sa ba ntsweleng, sa re: “Ha ho le ya mong wa rona ya tla ya lapeng la hae, mme ha ho le ya mong wa rona ya tla kgutlela ha hae.

9. Seo re tla se etsa Gibea ke sena: Ba tla e futuhela ba tla ntshwa ka lotho.

10. Merabeng yohle ya Iseraele re tla nka banna ba leshome ho ba lekgolo, ba lekgolo ho ba sekete, le ba sekete ho ba dikete tse leshome, ho ya batlela bahlabani dijo, e le hore ha ba fihla Gibea e naheng ya Benjamine, ba tle ba pheteletse manyala wohle ao banna ba Gibea ba a entseng naheng ya Iseraele.”

11. Kahoo banna bohle ba Iseraele ba futuhela motse oo ba ikentse kgokanyana phiri.

12. Merabe ya bana ba Iseraele ya romela banna morabeng wohle wa Benjamine, ya re: “Ke bokgopo bofe boo, bo etsahetseng hara lona?

13. Ka baka leo, re neeng banna bao ba ditshila, ba Gibea, re tle re ba bolaye, mme re fedise bokgopo bona naheng ya Iseraele.”Empa ba morabe wa Benjamine ba se ke ba natsa polelo ya bana babo bona, e leng bana ba Iseraele.

14. Ba morabe wa Benjamine ba tswa metseng ya bona, ba phuthehela Gibea, ho ya lwantsha bana ba Iseraele.

15. Ka tsatsi leo, palo ya ba morabe wa Benjamine, ba neng ba hlometse ka disabole, e ne e le banna ba dikete tse mashome a mabedi a metso e tsheletseng, ntle ho banna ba motse wa Gibea, ba kgethilweng.

16. Banna bana bohle, ba kgethilweng, ba makgolo a supileng, e ne e le ba maqele. E mong le e mong wa bona o ne a ka betsa qoba ya moriri ka letjeketjane, mme a se ke a e fosa.

17. Ntle ho ba morabe wa Benjamine, banna ba Baiseraele, ba neng ba hlometse ka disabole, e ne e le dikete tse makgolo a mane. Banna bana bohle e ne e le bahlabani.

18. Setjhaba sa Iseraele sa nyolohela Bethele, ho fumana keletso ya Modimo, mme sa re: “Ke bafe ho rona ba tla futuhela bana ba Benjamine pele?”Morena a re: “Ho tla futuha Juda pele.”

19. Bana ba Iseraele ba tsoha e sa le hoseng, ba fihla ba hloma pela Gibea.

20. Banna ba Iseraele ba futuhela ba morabe wa Benjamine. Banna ba Iseraele ba theela ba morabe wa Benjamine theko ya ntwa Gibea.

21. Ba morabe wa Benjamine ba tswa motseng wa Gibea. Ka lona letsatsi leo ba bolaya banna ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi tsa bana ba Iseraele.

22. Empa banna ba Iseraele ba tsoha molota, ba boela ba thea theko ya ntwa moo ba neng ba e theile teng ka letsatsi la pele.

23. Bana ba Iseraele ba nyoloha, ba lla ba le kapele ho Morena, ho fihlela ka phirimana. Ba botsa Morena, ba re: “Na re ka boela ra futuhela bana babo rona, ba morabe wa Benjamine?”Morena a re: “Nyolohang le ba futuhele.”

Baahlodi 20