18. Setjhaba sa Iseraele sa nyolohela Bethele, ho fumana keletso ya Modimo, mme sa re: “Ke bafe ho rona ba tla futuhela bana ba Benjamine pele?”Morena a re: “Ho tla futuha Juda pele.”
19. Bana ba Iseraele ba tsoha e sa le hoseng, ba fihla ba hloma pela Gibea.
20. Banna ba Iseraele ba futuhela ba morabe wa Benjamine. Banna ba Iseraele ba theela ba morabe wa Benjamine theko ya ntwa Gibea.
21. Ba morabe wa Benjamine ba tswa motseng wa Gibea. Ka lona letsatsi leo ba bolaya banna ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi tsa bana ba Iseraele.
22. Empa banna ba Iseraele ba tsoha molota, ba boela ba thea theko ya ntwa moo ba neng ba e theile teng ka letsatsi la pele.
23. Bana ba Iseraele ba nyoloha, ba lla ba le kapele ho Morena, ho fihlela ka phirimana. Ba botsa Morena, ba re: “Na re ka boela ra futuhela bana babo rona, ba morabe wa Benjamine?”Morena a re: “Nyolohang le ba futuhele.”
24. Ka letsatsi la bobedi bana ba Iseraele ba boela ba futuhela ba morabe wa Benjamine.
25. Ka lona letsatsi leo la bobedi, ba morabe wa Benjamine ba tswa Gibea, ba boela ba bolaya banna ba Iseraele ba dikete tse leshome le metso e robedi. Banna bana bohle e ne e le ba hlometseng ka disabole.
26. Jwale bana bohle ba Iseraele, le setjhaba sohle, ba nyolohela Bethele. Ba lla, mme ba dula kapele ho Morena. Ka letsatsi leo ba itima dijo ho fihlela ka phirimana. Ba nyehella Morena ka dinyehelo tsa setjheso le ka dinyehelo tsa teboho.
27. Yaba bana ba Iseraele ba botsa Morena, hobane areka ya selekane sa Modimo e ne e sa le teng mehleng eo.
28. Ka matsatsi wona ao, Finease, mora wa Eleasare, mora wa Arone, e ne e le yena ya sebeletsang kapele ho yona. Jwale a re: “Na re ka boela ra futuhela bana babo rona, ba morabe wa Benjamine, kapa re kgaotse?”Morena a re: “Nyolohang, hobane hosasane ke tla neelana ka bona matsohong a lona.”
29. Baiseraele ba lalla motse wa Gibea ba o potapotile.
30. Ka letsatsi la boraro Baiseraele ba nyoloha, ba futuhela ba morabe wa Benjamine. Ba itokisetsa ho futuhela Gibea jwaloka makgetlong a mang a pele.
31. Ba morabe wa Benjamine ba tswa ho futuhela setjhaba sa bana ba Iseraele. Ba ba hulela thokwana le motse, ba qala ho bolaya setjhaba, ba se etsa mofela, jwaloka makgetlong a pele. Ba ba bolaela mebileng e moholo e yang Bethele, le mmileng o yang Gibea, le hara masimo, e batlile e eba banna ba mashome a mararo ba Baiseraele.
32. Ba morabe wa Benjamine ba re: “Re ba hlotse jwaloka lekgetlo la pele.”Empa bana ba Israele ba re: “A re baleheng, re ba hulele thokwana le motse, ho ya mebileng e meholo.”
33. Banna bohle ba Iseraele ba phahama moo ba neng ba le teng, ba thea theko ya ntwa, ba le Baale-Tamare. Banna ba Iseraele ba neng ba laletse ba tswa moo ba neng ba le teng, ka bophirimela ho Geba.
34. Jwale bahlabani ba mokgetho wa Iseraele, ba dikete tse leshome, ba futuhela Gibea, ntwa ya eba e mahlomafubedu. Empa ba morabe wa Benjamine ba ne ba sa tsebe hore koduwa e haufi ho ba wela hodimo.
35. Morena a etsa hore Baiseraele ba hlole ba morabe wa Benjamine. Ka lona letsatsi leo Baiseraele ba bolaya banna ba morabe wa Benjamine ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano le lekgolo. Banna bana bohle e ne e le ba hlometseng ka disabole.
36. Ba morabe wa Benjamine ba bona hore ba hlotswe. Banna ba Iseraele ba tjhetjha kapele ho ba morabe wa Benjamine, hobane ba ne ba tshepile banna ba neng ba laletse ho potapota Gibea.