Baahlodi 18:11-28 BIBELE (SSO89SO)

11. Ba morabe wa Dane ba tswa naheng ya Sora le Eshetaole, e le banna ba makgolo a tsheletseng, ba hlometseng.

12. Ba nyoloha, mme ba hloma Kiriate-Jearime e Juda. Ke ka baka leo le ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, sebaka seo se ntseng se bitswa Diahelo tsa Dane. Se ka bophirimela ho Kiriate-Jearime.

13. Ho tloha moo ba fetela naheng e maralla ya Efraime, ba ya fihla tlung ya Mmika.

14. Jwale banna ba bahlano, ba neng ba ilo hlwela naha ya Laishe, ba re ho bana babo bona: “Na le a tseba hore kahara matlo aa, ho na le setipe le modingwana wa lelapa, le setshwantsho se betlilweng, le setshwantsho se bopilweng? Ka baka leo, imamelleng hore na le tla etsa jwang.”

15. Ba kgelohela teng, ba fihla tlung ya mohlankana wa Molevi, e leng ntlo ya Mmika. Ba mmotsa bophelo.

16. Ha e le banna ba makgolo a tsheletseng ba morabe wa bana ba Dane, ba hlometseng, ba ema kgorong ya motse.

17. Banna ba bahlano, ba neng ba ilo hlwela naha, ba nyoloha, ba kena ka tlung, ba nka setshwantsho se betlilweng, le setipe, le modingwana wa lelapa, le setshwantsho se bopilweng. Moprista yena a ema kgorong ya motse le banna ba makgolo a tsheletseng, ba hlometseng.

18. Ha banna bana ba kena ka tlung ya Mmika, ba nka setshwantsho se betlilweng, le setipe, le modingwana wa lelapa, le setshwantsho se bopilweng, moprista a re ho bona: “Le etsang?”

19. Ba re ho yena: “Kgutsa! Bea letsoho molomong, o tsamaye le rona, mme o be ntata rona le moprista wa rona. Ho molemo ho wena ke hofe: Ho ba moprista wa lelapa la motho a le mong, kapa ho ba moprista wa morabe le wa lelapa la Iseraele?”

20. Moprista a nyakalla. A nka setipe, le modingwana wa lelapa, le setshwantsho se betlilweng, mme a kena hara setjhaba seo.

21. Yaba ba a reteleha, ba kena tseleng. Ba eteletsa bana, le dikgomo, le thepa kapele.

22. Ha ba se ba le hole le ntlo ya Mmika, banna ba neng ba le ka matlung a haufi le ntlo ya Mmika, ba phutheha, ba sala bana ba Dane morao, ba ba ba fihla ho bona.

23. Ba howeletsa bana ba Dane, mme bao ba reteleha, ba re ho Mmika: “O batlang, ha o bokantse batho tjee?”

24. Mmika a re ho bona: “Le nkile modimo wa ka, oo ke iketseditseng wona, le moprista le mo nkile, yaba le a tsamaya. Ke sa na le eng? Jwale le re na ke batlang?”

25. Bana ba Dane ba re ho yena: “O se hlole o bua le rona, esere banna bana ba halefileng ba o lwantsha, mme wena le ba lelapa la hao la shwa.”

26. Bana ba Dane ba tswela pele leetong la bona. Ha Mmika a bona hore ba matla ho mo feta, a kgutlela tlung ya hae.

27. Ba nka dintho tseo Mmika a neng a di entse, ba nka le moprista wa hae, ba fihla Laishe, setjhabeng sa kgotso, se iketlileng, ba se bolaya ka sabole, ba tjhesa motse ka mollo.

28. Ba hloka ya ka ba namolelang, hobane ba ne ba le hole le Sidone, ebile ba sa amane le motho ofe kapa ofe. E ne e le ka kgohlong e haufi le Bete-Rehobe.Bana ba Dane ba haha motse, mme ba phela moo.

Baahlodi 18