Baahlodi 15:1-4 BIBELE (SSO89SO)

1. Kamora matsatsi a se makae, nakong eo ho helwang koro ka yona, Samosone a boela a etela mosadi wa hae, a mo nketse potsanyane, mme a re: “Ke sa kena ka ho mosadi wa ka ka kamoreng ya hae.”Empa ntata mosadi a mo hanela ho kena.

2. Eo ntata mosadi a re ho yena: “Ke ile ka hopola hore ruri o mo hloile; ka baka leo, ke ile ka mo nea molekane wa hao. Na moena eo wa mosadi wa hao ha a mo fete ka botle? Mpe o nke yena bakeng sa enwa, ke a o kopa.”

3. Samosone a re ho bona: “Jwale tjena ha ke na ho ba molato ho Bafilesita ha ke ba etsa hampe.”

4. Samosone a tsamaya, a tshwara diphokojwe tse makgolo a mararo, a nka dirumola. A tlamahanya mehatla ya diphokojwe ka pedi, a nto tlamella serumola mehatleng e meng le e meng e mmedi, e tlamahantsweng.

Baahlodi 15