9. Modimo a mamela kopo ya Manowa, mme lengeloi la Morena la boela la fihla ho mosadi a ntse a dutse hara tshimo, empa Manowa, monna wa hae, o ne a le siyo moo ho mosadi.
10. Mosadi a matha ka potlako, a ya bolella monna wa hae, a re ho yena: “Hela, monna yane ya ileng a fihla ho nna ka tsatsi lane, o boetse o itlhahisitse ho nna hape.”
11. Manowa a ema, a latela mosadi wa hae; a fihla ho monna eo, mme a re ho yena: “Na ke wena monna ya ileng a bua le mosadi eo?”Yaba monna eo o re: “Ke nna.”
12. Manowa a re: “Ha mantswe a hao a se a phethahetse, moshanyana eo o tla hodiswa jwang? O tla etsa eng?”
13. Lengeloi la Morena la re ho Manowa: “Ho hlokomelwe tsohle tseo ke di boleletseng mosadi.
14. Mosadi a se ke a ja letho la tsohle tse tswang morareng, a se ke a nwa veine, leha e le seno se tahang, mme a se ke a ja ntho efe kapa efe e silafetseng. A ke a boloke tsohle tseo ke mo laetseng tsona.”
15. Manowa a re ho lengeloi la Morena: “A re ke re o tshwarelle ho se hokae, re ke re o hlabele potsanyane.”
16. Lengeloi la Morena la re ho Manowa: “Le hoja le ntshwarella, nke ke ka ja dijo tsa lona, empa haeba le etsa nyehelo ya setjheso, le e nyehelle Morena.” Manowa o ne a sa tsebe hore eo ke lengeloi la Morena.