Baahlodi 13:21-25 BIBELE (SSO89SO)

21. Empa lengeloi la Morena la se ke la hlola le itlhahisa ho Manowa le mosadi wa hae. Jwale Manowa a tseba hore efela e ne e le lengeloi la Morena.

22. Manowa a re ho mosadi wa hae: “Ruri re tla shwa, hobane re bone Modimo.”

23. Empa mosadi wa hae a re ho yena: “Haeba Morena a ne a rata ho re bolaya, a ka be a sa ka a ananela nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo e tswang matsohong a rona. Hape a ka be a sa ka a re bontsha dintho tsena tsohle, mme a ka be a sa ka a re bolella dintho tse kang tsena, ka nako ena.”

24. Mosadi a beleha ngwana wa moshanyana, a mo rea lebitso la Samosone. Ngwana a nna a hola, mme Morena a mo hlohonolofatsa.

25. Moya wa Morena wa qala ho mo susumetsa ha a le Mahaneha-Dane e pakeng tsa Sora le Eshetaole.

Baahlodi 13