Baahlodi 13:1-3 BIBELE (SSO89SO)

1. Bana ba Iseraele ba boela ba sitelwa Morena. Morena a neelana ka bona matsohong a Bafilesita ka dilemo tse mashome a mane.

2. Ho ne ho ena le monna ya bitswang Manowa, ya neng a ahile Sora. E ne e le wa morabe wa Dane. Mosadi wa hae e ne e le nyopa.

3. Lengeloi la Morena la itlhahisa ho mosadi eo, la re ho yena: “Bona, o nyopa, empa o tla emola, o belehe ngwana wa moshanyana.

Baahlodi 13