Baahlodi 11:4-16 BIBELE (SSO89SO)

4. Kamora nakwana Baamone ba futuhela Baiseraele.

5. E ile yare ha hona ho etsahala, baholo ba Gileade ba ya lata Jafeta naheng ya Tobe.

6. Ba re ho yena: “Tloo, o tlo ba molaodi wa rona, e le hore re tle re lwantshe Baamone.”

7. Jafeta a re ho baholo ba Gileade: “Ha ke re le ne le ntlhoile, mme la nteleka tlung ya ntate? Jwale le tlelang ho nna ha le le tsietsing?”

8. Baholo ba Gileade ba re ho Jafeta: “Ke ka baka leo re tlileng ho wena jwale, hore o ye le rona, o yo lwantsha Baamone, mme o tla ba moetapele wa baahi bohle ba Gileade.”

9. Jafeta a re ho baholo ba Gileade: “Haeba le nkgutlisetsa haeso hore ke yo lwantsha Baamone, mme eba Morena o neelana ka bona ho nna, na ke tla ba moetapele wa lona?”

10. Baholo ba Gileade ba arabela Jafeta, ba re: “Morena ke paki ya rona; re tla etsa jwalokaha o bolela.”

11. Yaba Jafeta o tsamaya le baholo ba Gileade, mme setjhaba sa mo etsa moetapele wa sona le molaodi wa sona. Jafeta a pheta dipolelo tsa hae tsohle a le Misepa, moo Morena a ntseng a bona.

12. Jafeta a romela maqosa ho kgosi ya Baamone, a re ho yona: “O ntsekisang ha e le moo o tlile ho tla ntwantsha naheng ya ka?”

13. Yaba kgosi ya Baamone e re ho maqosa a Jafeta: “Ke hobane Baiseraele, ha ba ne ba etswa Egepeta, ba ne ba hape naha ya ka ho tloha Arenone, ho ya fihla Jaboko, le ho ya fihla Jorodane; ka baka leo, nkgutlisetse naha eo ka kgotso.”

14. Jafeta a boela a roma maqosa ao ho kgosi ya Baamone,

15. a re ho yona: “Jafeta o bua tjena: Baiseraele ha ba a ka ba hapa naha ya Moabe, kapa naha ya Baamone.

16. Ha Baiseraele ba nyoloha Egepeta ba ile ba tsamaya hara lehwatata ho ya fihla Lewatleng la Lehlaka, ba tla fihla Kadeshe.

Baahlodi 11