32. Yaba Jafeta o tshelela ho Baamone ho ba lwantsha, mme Morena a neelana ka bona matsohong a hae.
33. Jafeta a ba etsa mofela ho tloha Arowere, ho ya fihla Minite. A timetsa metse e mashome a mabedi, ho ya fihla Abele-Keramime, a ba rinya haholo. Ka mokgwa o jwalo bana ba Amone ba hlolwa ke bana ba Iseraele.
34. Ha Jafeta a kgutlela ha hae, moradi wa hae a tswa ho ya mo kgahlanyetsa, a letsa meropa, a etsa motjeko. E ne e le yena feela ngwana wa hae; ntle ho yena o ne a se na mora kapa moradi e mong.
35. Ha Jafeta a mmona, a hahola diaparo tsa hae, a re: “Jo, moradi wa ka wee! O nkutlwisetsang bohloko hakaale! Na ke wena ya ka ntlisetsang bomadimabe? Ke etseditse Morena kano, mme nke ke ka e kwenehela!”
36. Moradi wa hae a re ho yena: “Ntate, o etseditse Morena kano; etsa seo o ileng wa re o tla se etsa ka nna, hobane Morena o o pheteleditse ho dira tsa hao, e leng Baamone.”
37. A boela a re ho ntatae: “Nketsetse ntho ena e le nngwe feela: Ntumelle ke be mong feela ka dikgwedi tse pedi, ke tsamaye le thaka tsa ka ke yo lelera hara dithaba, ke llele hore ke tla shwa ke le morwetsana.”