21. “Empa Morena Modimo wa Iseraele, a neelana ka Sihone le setjhaba sohle sa hae matsohong a Baiseraele. Baiseraele ba ba hlola, ba hapa naha yohle ya Baamore, e leng baahi ba naha eo.
22. Ba hapa naha yohle ya Baamore, ho tloha Arenone ka borwa, ho ya fihla Jaboko ka leboya le ho tloha lehwatateng ka botjhabela, ho ya fihla Jorodane ka bophirimela.
23. “Kahoo Morena Modimo wa Iseraele, a leleka Baamore kapele ho setjhaba sa hae sa Baiseraele.
24. Ruri seo modimo wa lona Kemoshe a le neileng sona ke sa lona; le rona re hapa naha ya e mong le e mong eo Morena Modimo wa rona, a mo lelekileng kapele ho rona.
25. Jwale o bona eka o feta Balake, mora wa Sipore, kgosi ya Moabe, ka eng? Na o kile a tsekisana le Baiseraele, kapa na o kile a ba lwantsha?
26. Ke dilemo tse makgolo a mararo Baiseraele ba ahile Heshebone le metsaneng ya yona, le Arowere le metsaneng ya yona, le metseng yohle e lebopong la Arenone. Ke hobaneng le sa kang la re amoha yona ka nako ee kaofela?
27. Ka baka leo, ha ke a o sitelwa ka letho, mme o etsa hampe ka ho ntwantsha. Eka ka letsatsi lena Morena a ka ahlola pakeng tsa bana ba Iseraele le Baamone.”
28. Empa kgosi ya Baamone ya se ke ya natsa molaetsa oo Jafeta a o rometseng ho yona.
29. Jwale Moya wa Morena wa aparela Jafeta. A feta hara naha ya Gileade le Manase, a fihla Misepa e Gileade. Ho tloha Misepa e Gileade a fetela ho Baamone.
30. Jafeta a etsetsa Morena kano, a re: “Haeba ruri o ka neelana ka Baamone matsohong a ka,
31. etlare ha ke kgutla ke hlotse Baamone, mang kapa mang ya tla tswa tlung ya ka ho nkgahlanyetsa, e tla ba wa Morena, mme ke tla etsa nyehelo ya setjheso ka yena.”
32. Yaba Jafeta o tshelela ho Baamone ho ba lwantsha, mme Morena a neelana ka bona matsohong a hae.
33. Jafeta a ba etsa mofela ho tloha Arowere, ho ya fihla Minite. A timetsa metse e mashome a mabedi, ho ya fihla Abele-Keramime, a ba rinya haholo. Ka mokgwa o jwalo bana ba Amone ba hlolwa ke bana ba Iseraele.
34. Ha Jafeta a kgutlela ha hae, moradi wa hae a tswa ho ya mo kgahlanyetsa, a letsa meropa, a etsa motjeko. E ne e le yena feela ngwana wa hae; ntle ho yena o ne a se na mora kapa moradi e mong.
35. Ha Jafeta a mmona, a hahola diaparo tsa hae, a re: “Jo, moradi wa ka wee! O nkutlwisetsang bohloko hakaale! Na ke wena ya ka ntlisetsang bomadimabe? Ke etseditse Morena kano, mme nke ke ka e kwenehela!”