17. Yaba Baiseraele ba romela maqosa ho kgosi ya Edomo, ba re ho yona: <Re kopa hore o re dumelle re fete hara naha ya hao,> empa kgosi ya Edomo ya se ke ya ba mamela. Ka mokgwa o jwalo ba romela maqosa le ho kgosi ya Moabe, le yona ya hana, mme Baiseraele ba hlola Kadeshe.
18. “Jwale ba tsamaya hara lehwatata, ba kekoloha naha ya Edomo, le naha ya Moabe, ba ya fihla ka botjhabela ho naha ya Moabe, ba hloma kamose wane ho Arenone. Empa ha ba a ka ba kena moeding wa Moabe, hobane Arenone e ne e le yona moedi wa Moabe.
19. “Jwale Baiseraele ba romela maqosa ho Sihone, kgosi ya Baamore, e leng kgosi ya Heshebone, ba re ho yena: <Re kopa hore o re dumelle re fete hara naha ya hao, ho ya naheng ya rona.>
20. Empa Sihone a se ke a dumella Baiseraele ho feta hara naha ya hae. A bokella setjhaba sa hae sohle, a hloma Jahase, mme a lwantsha Baiseraele.
21. “Empa Morena Modimo wa Iseraele, a neelana ka Sihone le setjhaba sohle sa hae matsohong a Baiseraele. Baiseraele ba ba hlola, ba hapa naha yohle ya Baamore, e leng baahi ba naha eo.
22. Ba hapa naha yohle ya Baamore, ho tloha Arenone ka borwa, ho ya fihla Jaboko ka leboya le ho tloha lehwatateng ka botjhabela, ho ya fihla Jorodane ka bophirimela.
23. “Kahoo Morena Modimo wa Iseraele, a leleka Baamore kapele ho setjhaba sa hae sa Baiseraele.