Baahlodi 10:11-16 BIBELE (SSO89SO)

11. Morena a re ho bana ba Iseraele: “Na ha ke a ka ka le namolela ho Baegepeta, le ho Baamore, le ho Baamone, le ho Bafilesita?

12. Basidone, le Baamaleke, le Bamaone, le bona ba ile ba le hatella, yaba le ipiletsa ho nna, mme ka le namolela matsohong a bona.

13. Empa le mphuraletse, la sebeletsa medimo esele; ka baka leo, ha ke sa tla hlola ke le namolela.

14. Tsamayang le yo llela ho medimo eo, eo le e kgethileng; a e ke e le lopolle nakong ena ya tsietsi ya lona.”

15. Empa bana ba Iseraele ba re ho Morena: “Re sitilwe. Wena o re etse eng kapa eng eo o bonang e lokela, ha feela o ka mpa wa re namolela ka letsatsi lena, re a o rapela.”

16. Yaba ba lahla medimo e meng, ba sebeletsa Morena. Morena a hauhela Baiseraele ka baka la bosoto ba bona.

Baahlodi 10