1. Hoba Joshua a shwe, bana ba Iseraele ba botsa Morena, ba re: “Ke mang ho rona ya tla futuhela Bakanana pele, a ba lwantshe?”
2. Morena a re: “Ke ba morabe wa Juda ba tla futuha pele. Bonang, ke neelane ka naha ena matsohong a bona.”
3. Ba morabe wa Juda ba re ho bana babo bona, e leng ba morabe wa Simeone: “Nyolohelang le rona naheng eo re e abetsweng, re tle re lwantsheng Bakanana, mme le rona re tla ya le lona naheng eo le e abetsweng.” Ba morabe wa Simeone ba tsamaya le bona.
4. Ba morabe wa Juda ba nyoloha, mme Morena a neelana ka Bakanana le Baperise matsohong a bona. Ba bolaya banna ba bona ba dikete tse leshome motseng wa Beseke.
5. Ba fumana Adoni-Beseke a le Beseke, ba mo lwantsha, ba hlola Bakanana le Baperise.
6. Empa Adoni-Beseke a baleha. Ba mo phaladisa, ba mo tshwara, ba mo kgaola menwana e metona ya matsoho le ya maoto.
7. Yaba Adoni-Beseke o re: “Dikgosi tse mashome a supileng, tseo ke neng ke di kgaole menwana e metona ya matsoho le ya maoto, di ne di ye di thonake makumane tlasa tafole ya ka. Jwalokaha le nna ke ile ka etsa, Modimo o nketsa jwalo.” Ba mo isa Jerusalema, mme a shwela hona teng.
8. Bana ba Juda ba futuhela Jerusalema, ba e hapa, ba bolaya baahi ba yona ka sabole, ba tjhesa motse ka mollo.
9. Kamora moo, bana ba Juda ba theoha ho ya lwantsha Bakanana, e leng baahi ba naha e maralla, le ya Negebe, le e diphuleng.
10. Jwale ba morabe wa Juda ba futuhela Bakanana ba neng ba ahile Heborone. Pele ho mona, lebitso la Heborone e ne e le Motse wa Areba. Ba hlola Sheshai, le Ahimane, le Talamai.
11. Ho tloha moo ba futuhela baahi ba Debiri. Pele ho mona lebitso la Debiri e ne e le Kiriate-Sefere.
12. Yaba Kalebe o re: “Ya ka futuhelang Kiriate-Sefere, a e hapa, ke tla mo nea moradi wa ka Akasa, hore e be mosadi wa hae.”
13. Jwale Oteniele, mora wa Kenase, moena Kalebe, a e hapa, mme Kalebe a mo nea moradi wa hae Akasa, hore e be mosadi wa hae.
14. Yare ha Akasa a fihla ho Oteniele, a mo pheella hore a kope mohwe wa hae, a ke a mo qothele naha. Ha Akasa a tholoha tonki ya hae, Kalebe a re ho yena: “O batlang?”